Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Hape, banabeso, ke le bolella Evangeli eo ke le boleletseng yona, eo le e amohetseng, eo le emeng ho yona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Hape, banabeso, ke le hopotsa Evangeli eo ke seng ke le boleletse yona, eo le e amohetseng, eo le tiisetsang ho yona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Hape, banabeso, ke le bolella Evangeli eo ke le boleletseng yona, eo le e amohetseng, eo le emeng ho yona;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:1
22 Referencias Cruzadas  

Ya nnyatsang, mme a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.


Baapostola le baena ba leng Judea ba utlwa hore baditjhaba le bona ba amohetse lentswe la Modimo.


Jwale ba amohetseng lentswe la hae ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo ba ekeletswa ka batho ba ka bang dikete tse tharo.


Joale; ka baka la ho se dumele ba kgaolwa, mme wena o eme ka tumelo. O se ke wa ikgohomosa, o mpe o tshabe;


Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.


Ke yena eo hape re nang le katamelo ka tumelo mohaung ona oo re emeng ho wona, mme re ithorise ka tshepo ya kganya ya Modimo.


Itebeleng, le eme le tiile tumelong, le be banna, le be matla.


Nna ke lemile, Apolose a nosetsa; empa ke Modimo ya medisitseng.


Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;


Eseng hore re rena hodima tumelo ya lona, empa re le bathusi ba thabo ya lona, hobane le eme ka tumelo.


Le ile la ba baetsisi ba rona le ba Morena, kaha le ile la amohela lentswe mahlomoleng a maholo ka thabo ya Moya o Halalelang.


Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.


Hape, bana beso, re a le rapela, mme re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le amohile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le hole le ho feta.


Jwale, banabeso, re le laela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le ikarole ho ngwanabo rona e mong le e mong ya tsamayang ka mokgwa o sa laoleheng, e seng ka mokgwa oo le o amohetseng ho rona.


Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos