Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:21
28 Referencias Cruzadas  

Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.


Ka yona nako eo Jesu a ipela moyeng, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea; gonne go ne go le molemo mo matlhong a gago jalo.


Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Jwale ke kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lahlelwa ntle.


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!


Hobane molaetsa wa sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba pholoswang ke matla a Modimo.


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Empa ho ba bitsitsweng, Bajuda le Bagerike, ke Kreste, matla a Modimo, le bohlale ba Modimo.


Hobane bothoto ba Modimo bo bohlale ho feta batho; mme bofokodi ba Modimo bo matla ho feta batho.


Empa Modimo o ikgethetse tse booatla tsa lefatshe ho soabisa tse bohlale; mme Modimo o ikgethetse tse fokolang tsa lefatshe, hore o tle o swabise tse matla;


Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, hore re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.


Empa motho wa nama ha a amohele dintho tsa Moya wa Modimo, hobane ke bohlanya ho yena;


Re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona le bahlomphehi, empa rona re a nyatseha.


Na ha le tsebe hore bahalaledi ba tla ahlola lefatshe na? mme ekare ha lefatshe le ahlolwa ke lona, na ha le a tshwanela ho ahlola ditaba tse nyenyane na?


Empa eitse ha ho kgahla Modimo, ya nkarohanyang le popelong ya mme, wa mpitsa ka mohau wa wona,


Leha ho le jwalo, mehleng eo, ha le ne le sa tsebe Modimo, le ne le sebeletsa bao ka tlhaho e seng medimo.


A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.


E le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,


Hobane ho ratile Ntate hore botlalo bohle bo dule ho yena;


Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?


Rona re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e leng e qadileng ho bolelwa ke Morena, mme ya tiiswa ho rona ke ba mo utlwileng;


Ka baka leo, o na le matla a ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o phela ka mehla ho ba rapella.


Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.


Mme thapelo ya tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa; mme ekare ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.


A a tsebe hoba ya kgutlisang moetsadibe phosong ya tsela ya hae o tla pholosa moya lefung, mme o tla pata bongata ba dibe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos