esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.
Tshenolo 3:8 - BIBELE “o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako pela hao, o ke keng wa kwalwa ke motho; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka. Baasraak Sotho NT Ke tseba mesebetsi ya hao; bona, ke behile monyako o butsweng pela hao, oo ha ho motho ya ka o kwalang; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke tseba mesebetsi ya hao; bona, ke behile monyako o butsweng pela hao, oo ha ho motho ya ka o kwalang; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka. |
esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.
Ha setjhaba sena se ntse se bolawa jwalo, se tla fumana thuso e seng kae, empa ba bangata ba tla se kgomarela ka bolotsana.
Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.
“Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.
Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.
hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang.
Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.
Le rona le re rapelle, hore Modimo a tle a re fumantshe monyetla wa ho phatlalatsa lentswe la hae, re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng ditlamong ka baka la sona.
Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.
Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.
o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.
o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano.
“Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.”
“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.
Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.
“Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula;