kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ Yaba ba qala ho keteka.
Tshenolo 3:1 - BIBELE “Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele. Sesotho 1909/1961 (SO) Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda, o re: Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng, o bolela tsena, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele. Baasraak Sotho NT Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda; Ke tsena tse bolelwang ke ya nang le Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; Ke tseba mesebetsi ya hao, hore o na le lebitso la ho phela, athe o shwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda; Ke tsena tse bolelwang ke ya nang le Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; Ke tseba mesebetsi ya hao, hore o na le lebitso la ho phela, athe o shwele. |
kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ Yaba ba qala ho keteka.
Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ ”
Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: ‘Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.’
Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.
O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.
o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.
Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.
Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele.
Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.
Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.
le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”
Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng. Ka molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e sehang kamahohle. Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka letsatsi ha le kganya haholo.
Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”
Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;
o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.
o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato, le tumelo, le bosebeletsi, le tiisetso ya hao, mme mesebetsi ya hao ya ho qetela e feta ya pele ka bongata.
o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano.
o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.
Fadimeha, mme o matlafatse se ntseng se o saletse, se eso ka se shwella ruri, hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile mahlong a Modimo wa ka.
“o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.
Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo.
Jwale ka bona Konyana e emeng bohareng ba terone, e teetswe hare ke dibopuwa tse nne tse phelang, le ke baholo. Konyana e ne e bonahala eka e hlabilwe. E ne e ena le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng meya e supileng ya Modimo, e rometsweng lefatsheng lohle.