Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.
Tshenolo 10:9 - BIBELE Ka ya ho lengeloi, ka le kopa hore le nnee bukana. La re ho nna: “E nke, o e je. E tla o babela ka maleng, empa ka hanong e tla ba monate jwaloka mahe a dinotshi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ya ho lengeloi leo, ka le bolella hore le mphe bukana. La re ho nna: Nka, mme o e metse; e tla baba maleng a hao, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi. Baasraak Sotho NT Ka ya ho lengeloi, ka re ho lona: Mphe bukana. A re ho nna: E nke, o e je; mme e tla etsa hore mpa ya hao e baba, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka ya ho lengeloi, ka re ho lona: Mphe bukana. A re ho nna: E nke, o e je; mme e tla etsa hore mpa ya hao e baba, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi. |
Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.
Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!
Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”
Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.
Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng.