Ba bang ba morabe wa Manase le bona ba fetohela ka ho Davida, mohla a neng a ena le Bafilesita ha ba futuhetse Saule. Empa a se ke a thusa Bafilesita, hobane mahosana a bona a ne a ile a eletswa hore a mo leleke, a re: “O tla fetohela ka ho monga hae Saule, ebe re a bolawa.”
Wena ya leahong la hao le halalelang, le tlotlehang, tadima fatshe, o le lehodimong, o bone! E kae tjheseho ya hao, a kae matla a hao? E kae kutlwelobohloko ya hao, o kae mohau wa hao? Oho, Morena, o re hanetse ka tsona!
Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae.
Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.