La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Sakaria 6:3 - BIBELE

ya boraro e hulwa ke tse tshweu, ya bone yona e hulwa ke tse kwebu.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

koloing ya boraro, e le pere tse tsweu; koloing ya bone, e le pere tse phatswa, tse matla.

Ver Capítulo



Sakaria 6:3
9 Referencias Cruzadas  

“Ka nako eo mohlape o nehelwang ka yona, eitse ha ke phahamisa mahlo, ka bona torong hore diphooko tse neng di tlolela mohlape e ne e le tse rolo le tse phatshwa, le tse putswa.


Meomo ya sona e ne e le ya tshepe, maoto a sona a entswe ka tshepe le ka letsopa.


Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu.


Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


Ka tadima, mme ka bona pere e tshweu, ya e palameng a tshwere seqha. Yaba o newa mofapahlooho, mme a tsamaya e le ya hlotseng, ya tla nne a hlole.


Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.