“ ‘Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele.
Sakaria 4:9 - BIBELE “Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona. |
“ ‘Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele.
“Atamelang pela ka, le mamele hona: Ho tloha tshimolohong ha ke qala ho bua, ha ke a ka ka buela sephiring; ha tseo di etsahetse ke ne se ntse ke le teng.” Jwale Morena Modimo o nthomme, o nthomme ka Moya wa hae.
‘Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle:
“Ka baka leo, Morena o bua tjena: ‘Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema,’ ho rialo Morena wa mabotho.
“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.
Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”
“Batho ba tla tloha hole, ba tlo thusa ho haha Tempele ya Morena. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Tsena tsohle di tla phethahala ha le ka mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.”
Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.
hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile.
Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.
Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.