Eitse ha dihahi di rala motheo wa Tempele ya Morena, baprista ba ema ba apere diaparo tsa bona, ba nkile diterompeta; Balevi, e leng bara ba Asafo, bona ba nkile matlheretlhere, hore ba rorise Morena, ho latela taelo ya Davida, kgosi ya Iseraele.
Sakaria 4:7 - BIBELE “Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: ‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe! |
Eitse ha dihahi di rala motheo wa Tempele ya Morena, baprista ba ema ba apere diaparo tsa bona, ba nkile diterompeta; Balevi, e leng bara ba Asafo, bona ba nkile matlheretlhere, hore ba rorise Morena, ho latela taelo ya Davida, kgosi ya Iseraele.
Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.
Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’
“Bona, ke tla o etsa selei se phophothang, se setjha, se nang le meno e ntjhotjho. O tla thua dithaba, o di phophothe, maralla wona o a sile, a ke mmoko;
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.
“Wena thaba e timetsang ke a o lwantsha, wena ya timetsang lefatshe lohle,” ho rialo Morena. “Ke tla o nanabela ka letsoho la ka, ke o thete, o wele, ke o dihele ka dilomong, ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.
Dithaba di tla qhibidiha tlasa maoto a hae, fatshe le peperane, ho hlahe dikgohlo; dithaba di qhibidihe sa tshotso e utlwa mollo, di phorosele sa metsi a theoha mothipoloheng.
Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e hahilweng hodima yona, e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.
Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.
“Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.
Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala,
Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?
Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha.
A ba tadima, a re: “Sena se ngotsweng ke ho reng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile la mantlha?’
Kgohlo e nngwe le e nngwe e tla katwa, thaba ka nngwe le leralla ka leng di bothalatswe, ho kgopamileng ho otlollwe, ditsela tse makukuno di batalatswe,
Jesu ke yena eo e leng “ ‘lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha.’
Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.
Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.
Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe: “Lejwe le lahlilweng ke dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha,