Ka le botsa hape, ka re: “Makala aa a mabedi a mohlwaare, a kamathoko ho dipompo tse pedi tsa kgauta, tse ntshang ole e bosehla ba kgauta, wona a bolelang?”
Ka boela ka bua la bobedi, ka re ho lona: Keng masihla ao a mabedi a ditholwana tsa mohlwaare tse pela pitsana tse pedi tse masoba tsa kgauta, tseo ho rothang ole ya kgauta ho tsona?
Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:
Ka boela ka botsa lengeloi, ka re: “Difate tse tse pedi tsa mohlwaare, tse ka tsohong le letona le ka ho le letshehadi la sedulwana sa mabone, tsona di bolelang?”
A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.”