Sakaria 3:5 - BIBELE Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo. |
Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae.
Hang hoba baprista ba kene ka sebakeng se halalelang, ba ke ke ba tswela lebaleng le kantle, ho fihlela ba hlobola diaparo tseo ba sebeletsang ba di apere, hobane di a halalela. Ba tla apara diaparo tse ding ba eso ka ba atamela dibaka tseo setjhaba se leng ho tsona.”
Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake.
baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:
Terone e ne e potapotilwe ke diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ho ne ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apereng diaparo tse tshweu, ba rwetseng mefapahlooho ya kgauta dihloohong.