“Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa.
Sakaria 11:2 - BIBELE Wena fate sa phaena, bokolla, o lle hobane kedare e robehile, difate tse bohehang di suhlamane! Lona eike tsa Bashane bokollang hobane moru o opaneng o kgethutswe! Sesotho 1909/1961 (SO) Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe! |
“Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa.
Ka fate tsa eike tse tswang Bashane ba etsa masokwana, ba a etsetsa wena; ka fate tsa kipere tse tswang Kitime ba etsa sethala, ba se etsetsa wena, ba o kgabisa ka manaka a tlou.
Baditjhaba bohle ba neng ba dula moriting wa sefate sena, ba thusana le sona, le bona ba ile lebitleng le sona, ho ba neng ba bolawe ka sabole.
Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona!
Utlwang ha badisa ba bokolla, ba bokolla hoba makgulo a senyehile! Utlwang ditawana ha di puruma; meru e opaneng ya Jorodane e senyehile!