Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”
Sakaria 1:10 - BIBELE Yaba motho ya emeng hara difate tsa mohlakola o a araba, o re: “Batho bana ke bao Morena a ba rometseng ho tsamaya le lefatshe lohle.” Sesotho 1909/1961 (SO) Monna, ya emeng hara difate tsa mirte, a bua, a re: Ke bao Jehova a ba romileng ho ya le lefatshe. |
Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”
Batho bao ba re ho lengeloi la Morena le emeng hara difate tsa mohlakola: “Re tsamaile le lefatshe lohle, mme re fumane hohle e le kgutso le kgotso.”
Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu.
“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.
“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”
Yaba ke bona sekwahelo sa loto, sa morifi oo, se kwahollwa, mme kahara morifi oo ho dutse mosadi.
Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?