Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.
Numere 9:14 - BIBELE “ ‘Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno. |
Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.
Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena: “Ho se be moditjhaba ya tla e ja.
O se ke wa kgwahlapisa tshimo ya hao ya morara, mme o se ke wa thonaka morara o wetseng fatshe; o o siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa hao.
“ ‘Le se ke la nyehella Morena ka tse tswang ho baditjhaba, hore e be dijo tsa hae, hobane di silafetse, di na le sepha, mme di ke ke tsa amoheleha.’ ”
Le tla ba le molao o le mong o ahlolang mojaki le letswallwa la naha ka ho tshwana, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”
O reke ntho ya mohaeno ho ya ka palo ya dilemo ho tloha mohla mokete wa tokoloho; le yena a o rekisetse ho ya ka palo ya dilemo tsa kotulo tse sa setseng, pele ho fihla mokete o mong wa tokoloho.
Ho tla ba le molao o le mong ho setjhaba, le ho mojaki ya jakileng hara lona. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona. Seo le leng sona, le mojaki o tla ba sona kapele ho Morena.
Molao o tla ba mong, le taelo e tla ba nngwe ho lona le ho mojaki ya jakileng hara lona.’ ”
bana ba lona, basadi ba lona, le bajaki ba kahara diahelo tsa lona, ho tloha ka motho ya rwallang, ho isa ho ya kgang metsi.
Le phuthe batho: banna, le basadi, le bana, le bajaki ba teng metseng ya lona; e le hore ba tle ba utlwe, le hore ba tle ba ithute, ba tshabe Morena Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho phetha dipallo tsohle tsa Molao ona.