La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 8:15 - BIBELE

Kamora moo, Balevi, ba tla kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa. O tla ba hlwekisa, ebe o nyehela ka bona, e le nyehelo e akgotswang.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang,

Ver Capítulo



Numere 8:15
9 Referencias Cruzadas  

Tsena tsohle o di nee Arone le bara ba hae, ba tle ba nyehele ka tsona, ka ho di akgotsa kapele ho Morena.


“Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka,


Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena.


O emise Balevi kapele ho Arone le bara ba hae, o nyehele ka bona ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.


“Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba ka ka ho tlala. Ke inketse bona bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.