Numere 7:60 - BIBELE Ka letsatsi la borobong ha nyehela kgosana ya bana ba Benjamine, e leng Abidane, mora wa Gidoni. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la boroba mono o le mong, ha tla Abidane, mora Gideoni, morena wa bara ba Benjamine. |
“Jwale e be morabe wa Benjamine. Kgosana ya bana ba Benjamine e tla ba Abidane, mora wa Gidoni.
Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.