Numere 7:48 - BIBELE Ka letsatsi la bosupa ha nyehela kgosana ya bana ba Efraime, e leng Eleshama, mora wa Amihude. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la bosupa, ha tla Elishama, mora Ammihude, morena wa bara ba Efraime. |
Hara bana ba Josefa: lapeng la Efraime e be Eleshama mora wa Amihude; lapeng la Manase e be Gamaleele mora wa Pedasure.
“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.
Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eleasafo, mora wa Deuele.
Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.