Numere 7:24 - BIBELE Ka letsatsi la boraro ha nyehela kgosana ya bana ba Sebulone, e leng Eliabe, mora wa Helone. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la boraro, ha tla Eliabe, mora Helone, morena wa bara ba Sabulone. |
“Jwale e be morabe wa Sebulone, mme kgosana ya bana ba Sebulone e tla ba Eliabe, mora wa Helone.
Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Netanele, mora wa Suare.
Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.