Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!”
Numere 6:25 - BIBELE Morena a le bontshe sefahleho sa hae se kganyang kgotso, a le hauhele. Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a o kgantshetse sefahleho sa hae, mme a o hauhele! |
Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!”
Ditshiu tsa ka di matsohong a hao; nnamolele diatleng tsa dira tsa ka, o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.
Ba bangata ba re: “Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang?” Oho, Morena, re phuthollele sefahleho sa hao.
Jwale ha re sa tla hlola re o furalla, ako boele o re phedise, re tle re rapele lebitso la hao.
O re entse sesosa sa ditsekisano tsa bao re ahisaneng le bona, dira tsa rona di a re soma.
Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele; matlafatsa mohlanka wa hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.
Morena a re: “Ke tla o bontsha botle ba ka bo hadimang, ke be ke phatlalatse lebitso la Morena kapele ho wena. Ke tla hauhela eo ke ratang ho mo hauhela, ke utlwele bohloko eo ke ratang ho mo utlwela bohloko.”
“Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng.
“Jwale lona le re: ‘A re ipiletseng ho Morena hore a re hauhele.’ Na a ka le amohela ka dinyehelo tse jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho.
Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.