A apara thohako jwaloka kobo: E ke e monyele mmeleng wa hae, e monyele jwaloka metsi, le masapong a hae jwaloka ole.
Numere 5:22 - BIBELE Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.” “ ‘Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” Sesotho 1909/1961 (SO) metsi ana a tlisang thohako a kene maleng a hao, a kokomose mpa ya hao, mme a omeletse letheka la hao. Mme mosadi o tla re: Amen! amen! |
A apara thohako jwaloka kobo: E ke e monyele mmeleng wa hae, e monyele jwaloka metsi, le masapong a hae jwaloka ole.
Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo!
Morena, dira tsa hao di re hlapaotse, di setse motlotsuwa wa hao morao di ntse di mo hlapaola.
Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, eja buka ena eo ke o neang yona, mme o tlatse mala a hao ka yona.” Yaba ke a e ja; ka utlwa e le monate jwaloka mahe a dinotshi.
“ ‘Moprista o tla ngola dithohako tsena pampiring, ebe o di hlatswetsa ka metsing a letswai.
Ha a se a mo nwesitse metsi ao, mme eba o silafetse, o sitetswe monna wa hae, metsi ao a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae, a mo lomise mala, ebe mpa ya hae e a hohomoha, o fetoha nyopa. Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara setjhaba sa habo.
Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona.
Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”
Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ha le sa je nama ya Mora Motho, le sa nwe madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona.