Naheng eo yohle ha ho a ka ha eba le barwetsana ba batle jwaloka baradi bao ba Jobo. Ntata bona a ba abela lefa jwalokaha a ile a abela bana babo bona.
Numere 36:2 - BIBELE ba re: “Morena o o laetse ho abela bana ba Iseraele naha ena ka lotho, e le lefa la bona. Morena a ba a o laela hore lefa la ngwanabo rona Selofehade, o le abele baradi ba hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Tsa re: Jehova o laetse monghadi wa ka ho arolela bana ba Iseraele naha ka lotho, e be lefa la bona. Hape, monghadi wa ka o laetswe ke Jehova ho nea lefa la ngwanabo rona, Tselofkade, ho baradi ba hae. |
Naheng eo yohle ha ho a ka ha eba le barwetsana ba batle jwaloka baradi bao ba Jobo. Ntata bona a ba abela lefa jwalokaha a ile a abela bana babo bona.
Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.
Haeba baradi bana ba ka nyalwa ke ba bang ba merabe e meng ya bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ntshwa lefeng la bo-ntata rona, le yo eketsa lefa la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo le tla ntshwa lefeng leo re le abetsweng ka lotho.
“Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse.