Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Numere 34:2 - BIBELE “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Etlare hobane le kene naheng ya Kanana, naha eo e tla ba lefa la lona, ke eo: naha ya Kanana ka meedi ena ya yona: |
Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”
“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.
Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.
Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.
Le e arolelane ka ho lekana. Naha ena e tla ba lefa la lona, hobane ke ne ke hlapanyetse baholoholo ba lona hore ke tla ba nea yona.
O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,
O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”
Moya oo re o filwe e le ho tiisa hore re tla ja lefa, mme ke tshepiso ya ho lopollwa ha bao e leng leruo la Modimo, ho tle ho bonahatswe tlotla ya hae.
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,
Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.
Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa.
Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona.