Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.
Numere 33:3 - BIBELE Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tloha Ramsese ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele. Ka tsatsi le hlahlamang la Paseka, bana ba Iseraele ba tswa ka matla pontsheng ya Baegepeta kaofela, |
Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.
Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.
“Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.
Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.
Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.
Ha le na ho tswa le potlakile kapa le baleha, hobane Morena o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o tla le sireletsa serao.
Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”
Ka taelo ya Morena, Moshe a ngola mabitso a dibaka tseo ba neng ba ntse ba tloha ho tsona, ka ho latelana. Ana ke maeto ho ya ka dibaka tseo ba neng ba tloha ho tsona.