Numere 30:5 - BIBELE Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse. Sesotho 1909/1961 (SO) empa ha ntatae a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, boikano bohle ba hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di ke ke tsa tiya; mme Jehova o tla mo tshwarela, kahobane o tla be a nyatsitswe ke ntatae. |
eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama.
eba ntatae o utlwa kano ya hae, kapa boitlamo ba hae, boo a itlamileng ka bona, feela ntatae a sa re letho ho yena, dikano tsohle tsa hae ha di na ho fetoha, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona ha bo na ho fetoha.
“Haeba mosetsana eo a nyalwa a ntse a le dikanong tsa hae, kapa a le boitlamong boo a bo entseng a ne a sa imamela hantle,
Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.
Lona bana, mamelang batswadi ba lona ka baka la Morena, hobane hona ke tshwanelo ya lona.