Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.
Numere 3:32 - BIBELE Mookamedi wa mahosana a Balevi e ne e le Eleasare, mora wa moprista Arone, ya neng a hlokomela bohle ba neng ba hlokomela Sehalalelo. Sesotho 1909/1961 (SO) Morena wa marena a Balevi e ne e le Eleasare, mora Aarone, moprista. Eo o ne a hlahloba ba baballang dintho tsa sehalalelo. |
Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.
Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.
Yaba monna eo o re ho nna: “Kamore e shebileng borwa ke ya baprista ba sebeletsang ka Tempeleng,
Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.
“Eleasare, mora wa moprista Arone, yena o tla hlokomela ole ya lebone, le mokubetso o monko o monate, le nyehelo ya dijo, le ole e tlotsang; a hlokomele le Tente ya Morena, le tsohle tse ka ho yona. Hape a hlokomele le Sehalalelo, le thepa ya sona.”
Tshebeletso ya bara ba Gereshone e tla ba tlasa taolo ya Arone le bara ba hae, e leng tsohle tseo ba tla di jara, le tsohle tseo ba tla di sebetsa. O tla abela e mong le e mong mosebetsi wa ho jara oo a tla o etsa.
Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona, ya eba dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo.
Feela ba ka nna ba thusana le bana babo bona ka Tenteng ya Morena ho hlokomela tse sebediswang, empa ha ba na ho sebeletsa. Balevi o tla ba etsa tjena, malebana le mosebetsi wa bona.”