Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”
Numere 3:29 - BIBELE Malapa a bara ba Kohate a ne a emisa ka borwa ho Tente ya Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba matlo a bara ba Kehathe, ba ne ba hloma tente tsa bona ka lehlakoreng la tabernakele le ka nqa borwa. |
Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”
“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure.
Ho ya ka palo ya bohle ba batona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse robedi le makgolo a tsheletseng; ya eba bona ba hlokomelang Sehalalelo.