Numere 3:27 - BIBELE Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe. |
Hara ditloholo tsa Heborone, Hashabiya le bana babo ba sekete le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e ne e le bona baokamedi ba mosebetsi wohle wa Morena, ba okametse le tshebeletso yohle ya kgosi naheng ya Iseraele e ka bophirimela ho Jorodane.
Yaba monna eo o re ho nna: “Kamore e shebileng borwa ke ya baprista ba sebeletsang ka Tempeleng,
le masira a seotlwana, le lesira la monyako wa seotlwana, le pela Tente ya Morena le aletare; le dikgwele tsa yona, le ditshebeletso tsohle tsa yona.
Ho ya ka palo ya bohle ba batona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse robedi le makgolo a tsheletseng; ya eba bona ba hlokomelang Sehalalelo.
“Hara Balevi, balang bara ba Kohate kaofela, ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona;
Bana ba Kohate ba setseng ba abelwa ka lotho metse e leshome, e tswang malapeng a morabe wa Efraime, le a morabe wa Dane, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.