Ho bara ba Kohate, hlooho ya bona e ne e le Uriele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mabedi.
Numere 3:19 - BIBELE Bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona: Amorare, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Sesotho 1909/1961 (SO) a bara ba Kehathe ka matlo a bona ke ana: Amrame, le Jitsehare, le Hebrone, le Usiele; |
Ho bara ba Kohate, hlooho ya bona e ne e le Uriele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mabedi.
Hara bara ba Hemane teng e ne e le Bukiya, le Mataneya, le Usiele, le Shebuele, le Jerimote, le Hananiya, le Hanani, le Eleata, le Gidaleti, le Romameti-Esere, le Joshebekasha, le Maloti, le Hotire, le Mahasiote.
Kora mora wa Isihare, Isihare mora wa Kohate, Kohate mora wa Levi, Levi mora wa Iseraele.
Jwale Balevi bana ba qalella ho sebetsa: Mahate, mora wa Amasai, le Joele, mora wa Asariya, e leng ba morabe wa Kohate, le Kishe, mora wa Abade, le Asariya, mora wa Jehaleele, e leng ba morabe wa Merari, le Jowa, mora wa Simma, le Edene, mora wa Jowa, e leng ba morabe wa Gereshone,
Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Kohate o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.
Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.
Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate.