Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’
Numere 27:16 - BIBELE “Morena Modimo wa meya yohle, le wa batho bohle, a ke a kgethele setjhaba sena monna, Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna |
Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’
Le tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Ya tla leka ho le phunyeletsa a bolawe! Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”
Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.”
Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!
Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona.
“ ‘Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe.
Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”
Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.
Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.
Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?
Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona.