Haeba ntatae a se na bana babo, lefa la hae o le abele mong ka yena, ya haufi le yena ka tswalano, hore a le je. Ona e tla ba molao wa toka ho bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a laetse Moshe.’ ”
Ha ekaba ho se banababo ntatae, lefa la hae le tla le nea e mong wa leloko la hae ya bapileng le yena haholo, mme ke yena ya tla le rua. Hoo e tla ba molao le tokelo ho bana ba Iseraele, kamoo Jehova a ho laetseng Moshe kateng.
“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.