Numere 26:48 - BIBELE Bara ba Nafthali, ho ya ka malapa abo bona, ke Jaheseele, ya tswetseng morabe wa Jaheseele, le Guni, ya tswetseng morabe wa Guni, Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Nefthali ke bana ka matlo a bona: ka Jahtseele ho hlahile ntlo ya Bajahtseele; |
Bara ba Nafthali e ne e le Jaheseele, le Guni, le Jesere, le Shalome. E ne e le ditloholo tsa Bileha.
Ha balwa bana ba Nafthali ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.