Numere 26:42 - BIBELE Bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona, ke Shuhame, ya tswetseng morabe wa Shuhame. Bana ke bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona, Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Dane ke bana ka matlo a bona: ka Shukame ho hlahile ntlo ya Bashukame. Ke wona matlo a Badane, ka matlo a bona. |
Ha balwa bana ba Dane ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
Bana ke bona bara ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng.
mme ho ya ka ba badilweng ba malapa a morabe wa Shuhame e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mene le makgolo a mane.