Numere 26:15 - BIBELE Bara ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, ke Sefone, ya tswetseng morabe wa Sefone; le Hagi, ya tswetseng morabe wa Hagi; le Shuni, ya tswetseng morabe wa Shuni; Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Gade, ka matlo a bona, ke bana: ka Tsefone ho hlahile ntlo ya Batsefone; ka Haggi ntlo ya Bahaggi; ka Shuni ntlo ya Bashuni; |
Ha balwa bana ba Gade, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
“Jwale e be morabe wa Gade, mme kgosana ya bana ba Gade e tla ba Eleasafo, mora wa Reuele.
Ana ke malapa a morabe wa Simeone. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi.