Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”
Numere 23:16 - BIBELE Morena a kopana le Bileame, a mmolella hore na a tle a reng, mme a re: “Kgutlela ho Balake, o bue tjena.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a tla ho Balaame, a kenya mantswe molomong wa hae, a re ho yena: Boela ho Balake, o mmolelle hore hoitseng. |
Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”
Lengeloi la Morena la re ho Bileame: “Tsamaya le banna bana, feela o yo bolela seo ke tla o bolella sona.” Bileame a tsamaya le mahosana a Balake.
Bileame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso. Ke tla kopana le Morena mose mane.”
Bileame a fihla ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. Balake a botsa Bileame, a re: “Morena o itseng?”
Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.”
Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng.
Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.