Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.
Numere 22:34 - BIBELE Bileame a re ho lengeloi la Morena: “Ke sitilwe, hobane ke ne ke sa tsebe hore o nthibetse tsela. Haeba o nkgalefetse nka mpa ka kgutla.” Sesotho 1909/1961 (SO) Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla. |
Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.
Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.
Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!
Setjhaba sa tsoha e sa le hosasa, sa nyolohela hodima tlhoro ya thaba, sa re: “Bonang re mona, re tla ya sebakeng seo Morena a buileng ka sona, hobane re sitilwe.”
Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.”
Tonki e ile ya mpona, mme ka makgetlo a mararo ya nkwekwetla. Hojane ya se ke ya nkwekwetla, ruri hona jwale nka be ke se ke o bolaile, empa yona nka be ke e babaletse.”
Saule a re ho Samuele: “Ke sitilwe, hobane ke tlotse taelo ya Morena, le ditaelo tsa hao ke di furaletse. Ke ile ka tshaba setjhaba, mme ka mamela lentswe la sona.
Yaba Saule o re: “Ke sitilwe! Leha ho le jwalo ke a o rapela: Ako ntlotle moo baholo ba setjhaba sa ka ba leng teng, le moo Baiseraele ba leng teng, mme o kgutle le nna, e le hore ke tle ke yo kgumamela Morena.”
Jwale Saule a re ho Davida: “O lokile ho mpheta, hobane wena o nketseditse tse molemo, athe nna ke o putsitse ka tse mpe.
Yaba Saule o re: “Ke entse sebe; kgutla Davida, mora wa ka; ha ke sa tla hlola ke o etsa letho, hobane ka letsatsi lena bophelo ba ka e bile ntho ya bohlokwa mahlong a hao. Ke a bona hore ke sebeditse ka bothoto, mme ke entse phoso e kgolo.”