Ha tonki e bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsohong la lona, tonki ya kgeloha tsela, ya hlahlathela. Empa Bileame a e shapa ho e kgutlisetsa tseleng.
Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.
Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.
Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.
Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe.
Ke nna feela ya ileng a bona pono ena. Banna ba neng ba eme le nna bona ha ba a ka ba e bona, empa ba ile ba tshoha haholo hoo ba ileng ba baleha, ba ya ipata.
Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi.
Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”
Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.