Jehu a boela a re: “Phatlalatsang hore ho tla ba le phutheho a halalelang ya Baale!” Yaba ba a e phatlalatsa.
Numere 22:22 - BIBELE Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bohale ba Modimo ba tuka kahobane a ile; lengeloi la Jehova la tla ema tseleng, ho mo lwantsha. Balaame o ne a kaletse esele ya hae, mme bahlanka ba hae ba babedi ba ne ba ena le yena. |
Jehu a boela a re: “Phatlalatsang hore ho tla ba le phutheho a halalelang ya Baale!” Yaba ba a e phatlalatsa.
“Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng.
Yare ha ba le tseleng, moo ba neng ba robaleditse teng, Morena a teana le Moshe, mme a batla ho mmolaya.
O hutse seqha sa hae jwaloka sera, o eme sa mohlabani, tsoho le letona le phahame; bohle ba kgahlang mahlo a ba bolaya. Kgalefo ya hae e tukang malakabe, a e theolela hodima tente ya Sione.
Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.
Ha tonki e bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsohong la lona, tonki ya kgeloha tsela, ya hlahlathela. Empa Bileame a e shapa ho e kgutlisetsa tseleng.
Lengeloi la Morena la re ho yena: “Ke hobaneng ha o shapile tonki ya hao ka makgetlo a mararo? Bona mona, ke tlile ho tla o thibela, hobane, tsela ya hao e isa timelong.
Lengeloi la Morena la re ho Bileame: “Tsamaya le banna bana, feela o yo bolela seo ke tla o bolella sona.” Bileame a tsamaya le mahosana a Balake.