Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”
Numere 22:16 - BIBELE Mahosana ao a fihla ho Bileame, mme a re ho yena: “Balake, mora wa Sipore, o buile tjena: ‘Ho se be letho le ka o thibelang ho tla ho nna, ke a o kopa. Sesotho 1909/1961 (SO) A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna; |
Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”
Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona.
Ke tla o tlotla haholo, mme ke tla etsa eng kapa eng eo o tla ntaela yona. Ka baka leo, tloo, ke a o rapela. Nthohakele setjhaba sena!’ ”
Balake a re ho Bileame: “Na ha ke a ka ka fela ka roma maqosa ho ya o bitsa? Ke hobaneng o sa kang wa tla ho nna? Na ruri ke sitwa ho o tlotla?”