Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”
Numere 22:11 - BIBELE ‘Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta se pupeditse naha; jwale tloo, mme o nthohakele sona, mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise. |
Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”
Bileame a re ho Modimo: “Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, o nthomeletse molaetsa ona:
Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.”
Balake a re ho Bileame: “O nkentse jwang? Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa jwale o bile o di hlohonolofaditse!”
Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’
Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo!
Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae.
Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,