Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela.
Numere 21:23 - BIBELE Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng. |
Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela.
“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.
Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.
Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.”
Ka mokgwa o jwalo, Edomo a hanela Iseraele ho feta hara naha ya hae, mme Iseraele a mo pota kathoko.
Ba ne ba le kgohlong e mose o ka kwano ho Jorodane, malebana le Bete-Peore, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone. Ke yena eo Moshe le bana ba Iseraele ba ileng ba mo hlola, ha ba ne ba etswa Egepeta.
Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho feta hara naha ya hae. A bokella setjhaba sa hae sohle, a hloma Jahase, mme a lwantsha Baiseraele.