La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 20:22 - BIBELE

Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Kadeshe, sa fihla thabeng ya Hore.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha Kadeshe, ya tla thabeng ya Hore.

Ver Capítulo



Numere 20:22
10 Referencias Cruzadas  

“Ka borwa moedi o tla tloha Tamare o yo fihla metsing a Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, o yo fihla Lewatleng le Leholo. Ona e tla ba wona moedi o ka borwa.


“Moedi o ka borwa wa naha ya Gade o tla leba borwa ho tloha Tamare, ho ya fihla sedibeng sa Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, ho ya fihla Lewatleng le Leholo.


Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo.


Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.


Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.


Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta. “ ‘Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao.


Ho tloha thabeng ya Hore ba tsamaya ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka, hore ba kekolohe naha ya Edomo. Setjhaba sa fellwa ke mamello tseleng.


“ ‘Ka leboya moedi wa lona e tla ba ona: le tla o seha ho tloha Lewatleng le Leholo, ho ya fihla Thabeng ya Hore;


Ke kahoo le ileng la hlola matsatsi a mangata Kadeshe.”