Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”
Numere 20:10 - BIBELE Moshe le Arone ba bokanya setjhaba sohle kapele ho lefika, mme a re ho sona: “Mamelang jwale, mahlabaphiyo ting! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?” Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe le Aarone ba biletsa phutheho pela lefika. |
Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”
Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona.
“Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.
Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang.
Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.
Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.