Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.
Numere 2:31 - BIBELE “Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Dane ya eba dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a tsheletseng, mme bona e tla ba ba ho qetela ba tlohang.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ke bona ba tlang ho tloha ba ho qetella le difolaga tsa bona. |
Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.
“Palo yohle ya mokgetho wa Rubene e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le motso o le mong, le makgolo a mane le mashome a mahlano, ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla latela ba tlohileng pele.
“Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Efraime ya eba dikete tse lekgolo le metso e robedi le lekgolo, ho ya ka mabotho a bona, mme e tla ba ba boraro ba tlohang.
Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane.
“Palo yohle ya mokgetho wa Juda e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e tsheletseng le makgolo a mane ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla tloha pele.