Ba morabe wa Efraime ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.
Numere 2:19 - BIBELE Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano. Sesotho 1909/1961 (SO) le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano. |
Ba morabe wa Efraime ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.
“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.
“Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure.
Ana ke malapa a bara ba Efraime, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mahlano. Bana ke bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona.