Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.
Numere 19:8 - BIBELE Ya tjhesitseng sethole sena a hlatswe diaparo tsa hae ka metsi, a be a tole ka metsi. O tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Sesotho 1909/1961 (SO) Ya tjhesitseng sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae ka metsi, a hlatswe mmele wa hae metsing; empa etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. |
Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.
Ya di tjhesang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamora moo a kene ka diahelong.”
“ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile.
“Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.
Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
“Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe.