“Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.
Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bona: ya fokileng ka metsi a hlatsuo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amileng metsi a hlatsuo, etlaba ha a hlweka ho fihlela mantsiboya.
Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”
Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.
Empa Balevi ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena, mme ba tla jara makgopo a bona. Ena e tla ba taelo ya mehla yohle melokong ya lona. Ha e le kahara bana ba Iseraele teng, ba ke ke ba eba le lefa.
Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona.”
Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
hobane ha ho letho leo Molao oo o neng o ka etsa hore le phethehe. Empa ka nqe nngwe ho ile ha tliswa tshepo e fetisang ka molemo, eo re ka atamelang pela Modimo ka yona.
Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.