Tseo tse lokelang ho lopollwa o tla di lopolla ha di ena le kgwedi, ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.
O tla di lopollisa, ha di se di na le kgwedi e le nngwe, ka ho lekanya ha hao le ka theko ya dishekele tse hlano tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e etsang digera tse mashome a mabedi.
Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.
Kgauta yohle e ileng ya sebediswa mosebetsing wohle wa ho haha Sehalalelo, e ne e le kgauta e tswang dimphong tsa baithaopi; e ne e etsa boima ba dikilo tse sekete, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla.
“Empa ha e le letsibolo la kgomo, kapa letsibolo la nku, kapa letsibolo la podi, wona ha o ka ke wa a lopolla, a a halalela. Ka madi a wona o foke hodima aletare. Mafura a wona, wona o a tjhesetse hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.
o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.