Ho ya ka palo ya diphoofolo tseo o nyehelang ka tsona, le tla etsa jwalo ka e nngwe le e nngwe ho latela palo ya tsona.
Numere 15:13 - BIBELE “ ‘Letswallwa le leng le le leng la naha le tla etsa dintho tsena ka mokgwa ona, ha le nyehela ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Bohle ba tswaletsweng ha eno, ba nno etsa dintho tseo jwalo, mohla ba hlahisang sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova. |
Ho ya ka palo ya diphoofolo tseo o nyehelang ka tsona, le tla etsa jwalo ka e nngwe le e nngwe ho latela palo ya tsona.
Haeba mojaki ya jakileng hara lona, kapa mang kapa mang ya jakileng hara lona melokong ya lona, a rata ho nyehella Morena ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, o tla etsa jwalokaha le etsa.