Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.
Numere 14:11 - BIBELE Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona? Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na? |
Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.
Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.
Yaba Morena o re ho Moshe: “Ke ho fihlela neng le tla hana ho boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka?
O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka.
“Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng?
Setjhaba sena se kgopo, se hanang ho mamela dipolelo tsa ka, se latelang ditakatso tsa dipelo tsa sona tse manganga, se latelang medimo esele, se e sebeletsang, se e kgumamelang, se tla ba jwaloka senyepa sena se seng se hloka thuso ho hang.
Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?
“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.
Wena Samaria, ke nyonya medingwana ya hao, medingwana ya hao ya manamane, kgalefo ya ka e tlokomela baahi ba Samaria! Ba tla sitwa ho itlhwekisa ho fihlela neng?
Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwalokaha ke ile ka rera ho le dihela koduwa, mme ka hloka mohau ha bontata lona ba ne ba nkgalefisitse,” ho rialo Morena wa mabotho,
ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona.
“Setjhaba see se kgopo, se nkorotlelang, ke tla se mamella ho fihlela neng? Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele, hoo ba nkorotlelang ka hona.
Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”
A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”
empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.”
Ha ke ne ke sa ka ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng le ya mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ba bone, mme ba hloile rona le Ntate.
Jwale ke bafe ba ileng ba le utlwa, mme ba mo fetohela? Na hase bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba tsamaiswa ke Moshe?
Ke bafe bao a ileng a ba hlapanyetsa hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae le ka mohla, haese batho bao ba neng ba hana ho mamela?
se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla ba mo fetohelang, jwaloka mohla ba mo lekang lehwatateng,