Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.
Numere 13:26 - BIBELE Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha. |
Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.
Moshe a romela banna bao ho tloha lehwatateng la Parane, ka taelo ya Morena. Banna bao bohle e ne e le mahosana a bana ba Iseraele.
Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.
Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.
Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta. “ ‘Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao.
Bo-ntata lona ba ne ba etse jwalo ha ke ba roma ke le Kadeshe-Barenea, ho ya bona naha.
Ba ne ba nyolohe ho ya fihla Kgohlong ya Eshekole, mme ha ba bona naha eo, ba nyahamisa dipelo tsa bana ba Iseraele hore ba kene naheng eo Morena a ba neileng yona.
“Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea.
Ho tloha Horebe ho ya Kadeshe-Barenea, ka tsela e tsamayang thabeng ya Seire, ke leeto la matsatsi a leshome le motso o mong.
Bana ba Juda ba ya ho Joshua ha a le Gilegale, mme Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, a re ho yena: “O tseba seo Morena a neng a se bue ho Moshe, mohlanka wa Modimo, malebana le nna, le malebana le wena, ha re le Kadeshe-Barenea.
Ke ne ke ena le dilemo tse mashome a mane ha Moshe, mohlanka wa Morena, a nthoma re le Kadeshe-Barenea, hore ke yo hlwela naha, mme yare ha ke kgutla ka fihla ka mmulela sefuba sa ka.